Tom o jere setshelo sa dipapana tse butswitseng.
Tom carries a tray of ripe bananas.
Tom o ya mmarakeng ho ya rekisa dipanana.
Tom goes to the market to sell bananas.
Batho mmarakeng ba reka ditholwana.
People at the market are buying fruit.
Empa ha ho ya rekang dipanana tsa Tom. Ba kgetha ho reka dipanana ho batho ba bomme.
But no one is buying
Tom’s bananas.
They prefer to buy fruit from women.
Batho ba re,”Setjhabeng sa bo rona, ke bomme feela ba rekisang ditholwana,” “ke monna ya jwang enwa?” ba botsana.
“In our community, only women sell fruit,” people say. “What kind of a man is this?” people ask.
Tom ha a ka a wa moya. A nna a hweletsa, “rekang dipanana tsa ka! Rekang dipanana tsa ka tse butswitseng, tse monate!”
But Tom does not give up.
He calls, “Buy my bananas!
Buy my sweet ripe bananas!”
Mme e mong a nka sehlotshwana sa dipanana ka setshelong, mme di sheba ka hloko.
One woman picks up a bunch of bananas from the tray.
She looks at the bananas carefully.
Mme enwa a reka dipanana.
The woman buys the bananas.
Batho ba bang ba tla ba reka dipanana tsa Tom, mme ba dija.
More people come to the stall.
They buy Tom’s bananas and eat them.
Ka pejana, setshelo se ne se se na letho. Tom a bala tjhelete a e fumaneng.
Soon, the tray is empty.
Tom counts the money he earned.
Yaba Tom o reka sesepa, tswekere le borotho, mme o di bea setshelong sa hae.
Then Tom buys soap, sugar, and bread.
He puts the things in his tray.
Tom a rwala setshelo hloohong, a ya hae.
Tom balances the tray on his head and goes home.