Ngwaneso wa moshemane ya monyenyane o robala bosiu haholo. Nna ke tsoha hoseng ka matjeke, hobane ke moholo.
My little brother sleeps very late. I wake early, because I am great!
Ke nna ya bulelang mahlasedi a letsatsi.
I am the one who lets in the sun.
“O naletsana ya ka ya meso,” ke mme eo.
“You’re my morning star,” says Ma.
Ke a itlhapisa, ha ke hloke thuso.
I wash myself, I don’t need any help.
Ke kgona ho hlapa ka metsi a batang le sesepa se botala ba lehodimo se nkgang.
I can cope with cold water and blue smelly soap.
“O se ke wa lebala ho borosola meno,” ke mme eo a nkgopotsa. “Le kgale,” ka mo araba.
Ma reminds, “Don’t forget teeth.” I reply, “Never, not me!”
Ha ke qeta ho hlapa, ke dumedisa ntatemoholo le rakgadi, mme ke ba lakaletsa letsatsi le letle.
After washing, I greet Grandpa and Auntie, and wish them a good day.
Jwale ke a ikapesa, “mme, ke se ke le moholo jwale” ke nna eo.
Then I dress myself, “I’m big now Ma,” I say.
Ke konopela diaparo tsa ka, mme ke tlama dieta tsaka.
I can close my buttons and buckle my shoes.
Hape ke etsa bonnete ba hore ngwaneso wa moshemane ya monyenyane o tseba ka ditaba tsohle tsa sekolo.
And I make sure little brother knows all the school news.
Ka phaposing ya sekolo, ke leka ka hohle ho sebetsa ka thata.
In class I do my best in every way.
Kamehla ke etsa tsohle tsena tse ntle. Empa seo ke se ratang ka ho fetisisa ke ho bapala.
I do all these good things every day. But the thing I like most, is to play and play!